2 Diketsahalo 11:20-23 BIBELE (SSO89SO)

20. A boela a nyala Maaka, moradi wa Abosalome, ya ileng a mo tswalla Abiya, le Atai, le Sisa, le Shelomite.

21. Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.

22. Rehoboame a kgetha Abiya, mora wa Maaka, hore e be yena hlooho ya lelapa, le mmusi wa bana babo, hobane o ne a rata ho mo etsa kgosi.

23. A sebetsa ka bohlale, bara ba hae bohle a ba ntsha motse, a ba bea diterekeng tsohle tsa naha ya Juda le ya Benjamine, motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A ba nea dijo tse ngata, a ba a ba nyadisa le basadi ba bangata.

2 Diketsahalo 11