2 Diketsahalo 11:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Rehoboame a fihla Jerusalema, a kgobokanya banna bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine; e le mokgetho wa bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi. Ba ne ba ilo lwantsha Baiseraele hore ba hape mmuso, ba o kgutlisetse ho yena.

2. Empa lentswe la Morena la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re:

3. “Bolella Rehoboame, mora wa Solomone, kgosi ya Juda, le Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le ya Benjamine, o re:

4. <Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona; motho ka mong a kgutlele ha hae hobane hona ho entswe ke nna.> ” Yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutla, ba se ke ba futuhela Jeroboame.

5. Rehoboame a aha Jerusalema, mme a haheletsa metse naheng ya Juda,

6. e leng Betlelehema, le Etame, le Tekowa,

7. le Bete-Sure, le Soko, le Adulame,

8. le Gade, le Maresha, le Sife,

9. le Adoraime, le Lakishe, le Aseka,

10. le Sora, le Aiyalone, le Heborone. Metse ena ke yona e neng e haheleditswe naheng ya Juda le naheng ya Benjamine.

11. A haheletsa metse ena, a bea balaodi ho yona, a ba fa dijo, le ole ya mohlwaare, le veine.

2 Diketsahalo 11