2 Diketsahalo 10:7-19 BIBELE (SSO89SO)

7. Ba re ho yena: “Haeba o ka ba mosa ho setjhaba sena, mme wa se kgahlisa, wa bua le sona hantle, e tla ba bahlanka ba hao kamehla yohle.”

8. Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.

9. A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng: <Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona>?”

10. Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: <Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,> o tle o se arabe tjena, o re: <Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.

11. Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.> ”

12. Ka letsatsi la boraro, bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.”

13. Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona.

14. A se araba ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.”

15. Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.

16. Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re:“Re amana ka dife le Davida?Mora wa Jese hase letho ho rona!Baiseraele, motho le motholapeng la hae!Davida, sala le morabe wa heno!”Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.

17. Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.

18. Jwale kgosi Rehoboame a roma Hadorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho bana ba Iseraele, empa bona ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka leo, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema.

19. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida.

2 Diketsahalo 10