2 Diketsahalo 10:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta moo a neng a ile a balehela teng ka baka la ho tshaba kgosi Solomone, a utlwa tsena, yaba o kgutla Egepeta.

3. Jwale Jeroboame a latwa, mme yena le Baiseraele bohle ba fihla ho Rehoboame, ba re:

4. “Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.”

5. Rehoboame a re ho bona: “Mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana.

6. Jwale kgosi Rehoboame a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”

7. Ba re ho yena: “Haeba o ka ba mosa ho setjhaba sena, mme wa se kgahlisa, wa bua le sona hantle, e tla ba bahlanka ba hao kamehla yohle.”

8. Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.

9. A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng: <Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona>?”

10. Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: <Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,> o tle o se arabe tjena, o re: <Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.

11. Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.> ”

12. Ka letsatsi la boraro, bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.”

13. Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona.

14. A se araba ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.”

2 Diketsahalo 10