2. Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona.
3. A tsamaya le setjhaba sohle, a ya sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, hobane Tente ya Modimo eo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a e etse ha a le lehwatateng, e ne e le hona moo Gibeone.
4. Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema.
5. Le aletare ya lethose eo Besalele, mora wa Uri, setloholo sa Hure, a neng a e entse, o ne a e hlomme kapele ho Leaho la Morena moo bo-Solomone le setjhaba ba neng ba eya teng ho ya bua le Morena.
6. Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona.
7. Hona bosiung boo Modimo a iponahatsa ho Solomone, a re ho yena: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona!”
8. Solomone a re ho Modimo: “O bontshitse lerato le leholo ho Davida, ntate, mme o entse hore ke be kgosi, ke mo hlahlame.