15. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema, silefera le kgauta di be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng.
16. Bahwebi ba kgosi Solomone ba ne ba mo rekela dipere Egepeta le Kuwe.
17. Kariki ya ntwa e ne e rekwa ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le silefera e boima bo ka bang kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba rekisetsa dikgosi tsohle tsa Bahete le tsa Baarame dipere tsena.