1. Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.
2. Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona.
3. A tsamaya le setjhaba sohle, a ya sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, hobane Tente ya Modimo eo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a e etse ha a le lehwatateng, e ne e le hona moo Gibeone.
4. Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema.
5. Le aletare ya lethose eo Besalele, mora wa Uri, setloholo sa Hure, a neng a e entse, o ne a e hlomme kapele ho Leaho la Morena moo bo-Solomone le setjhaba ba neng ba eya teng ho ya bua le Morena.
6. Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona.
7. Hona bosiung boo Modimo a iponahatsa ho Solomone, a re ho yena: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona!”
8. Solomone a re ho Modimo: “O bontshitse lerato le leholo ho Davida, ntate, mme o entse hore ke be kgosi, ke mo hlahlame.
9. Jwale Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng Davida, ntate, e ke e phethahale, hobane ke mona o nkentse kgosi ya setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe.
10. Ako nnee bohlale le tsebo, e le hore ke tle ke tsebe ho etella setjhaba sena pele, hobane ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba see sa hao se sekaalekaale?”
11. Modimo a re ho Solomone: “Kaha o kopile se ka pelong ya hao, o sa ikopela matlotlo, kapa maruo, kapa tlotla, kapa hore dira tsa hao di timetswe, kapa hore o phele halelele, o mpa o ikopetse bohlale le tsebo, hore o tle o tsebe ho busa setjhaba sa ka, seo ke o beileng ho ba kgosi ya sona,
12. ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”