4. Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.
5. Na le sa hopola hore tseo tsohle ke ile ka le bolella tsona ke sa na le lona?
6. Jwale le tseba se thibetseng hore a senolehe nako ya hae e eso fihle.
7. Bokgopo bo se bo ntse bo sebetsa ka sephiri; se setseng feela ke hore ya mo thibetseng a tloswe tseleng,
8. hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.
9. Ya Kgopo o tla tla ka mesebetsi ya Satane, mme o tla etsa diketso tse matla, le mehlolo le dimakatso tse thetsang.
10. O tla sebedisa mefuta yohle ya dithetso tsa bokgopo ho ba yang timelong, kahobane ha ba a ka ba dumela ho rata nnete e neng e tla ba pholosa.
11. Ka baka leo, Modimo o tla ba romela moya wa bokgelohi, ba tle ba kgolwe leshano,
12. e le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba kgahlwa ke bokgopo, ba tle ba ahlolwe.
13. Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.
14. Modimo o le bitseditse hona ka molaetsa wa rona o molemo, hore le tle le fumane tlotla ya Morena wa rona Jesu Kreste.