2 Bathesalonika 2:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso:

2. Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile.

3. Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela.

4. Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.

5. Na le sa hopola hore tseo tsohle ke ile ka le bolella tsona ke sa na le lona?

6. Jwale le tseba se thibetseng hore a senolehe nako ya hae e eso fihle.

7. Bokgopo bo se bo ntse bo sebetsa ka sephiri; se setseng feela ke hore ya mo thibetseng a tloswe tseleng,

8. hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.

9. Ya Kgopo o tla tla ka mesebetsi ya Satane, mme o tla etsa diketso tse matla, le mehlolo le dimakatso tse thetsang.

10. O tla sebedisa mefuta yohle ya dithetso tsa bokgopo ho ba yang timelong, kahobane ha ba a ka ba dumela ho rata nnete e neng e tla ba pholosa.

11. Ka baka leo, Modimo o tla ba romela moya wa bokgelohi, ba tle ba kgolwe leshano,

12. e le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba kgahlwa ke bokgopo, ba tle ba ahlolwe.

13. Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.

2 Bathesalonika 2