2 Bathesalonika 1:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang.

7. Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,

8. a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.

9. Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,

10. ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.

11. Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona a le fumane le le ba lokelang pitso ya hae, mme ka matla a hae a phethahatse merero yohle ya lona e lokileng le mesebetsi ya tumelo.

12. Ka tsela ena le tla tlotlisa Morena wa rona Jesu, le yena a le tlotlise ka mohau wa Modimo wa rona le wa Morena Jesu Kreste.

2 Bathesalonika 1