2 Bathesalonika 1:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste, re re:

2. Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.

3. Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.

4. Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.

5. Tsena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ya Modimo, e le hore le tle le be ba lokelang Mmuso wa Modimo, oo le hlokofatswang ka baka la wona.

6. Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang.

7. Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,

8. a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.

2 Bathesalonika 1