2 Bakorinthe 9:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Tabeng ya dithuso tse etsetswang badumedi, ha ho hlokahale hore ke le ngolle letho.

2. Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.

3. Jwale ke roma bana babo rona ho lona, e le hore boithoriso boo ba rona tabeng ena bo se ke ba fetoha lefeela, lona le mpe le fumanwe le itokiseditse ho thusa jwalokaha ke boletse.

4. Ho seng jwalo, ha ba bang ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba fumana hore ha le a itokisa, tshepo e kaalo eo re e beileng ho lona e tla re fetohela dihlong, ke se ke sa re letho ka lona.

5. Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.

6. Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.

2 Bakorinthe 9