2 Bakorinthe 8:7-17 BIBELE (SSO89SO)

7. Jwalokaha le atetswe ke tsohle: tumelo, bokgeleke, tsebo, mafolofolo wohle, le lerato la lona ho rona, le ke le atlehe haholo le ketsong ena ya mohau.

8. Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.

9. Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.

10. Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.

11. Tswelang pele jwale, le phethe mosebetsi; le thahaselle ho o phetha ka tseo le nang le tsona, jwalokaha le thahaseletse ho o rera.

12. Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.

13. Taba hase hore le thuse ba bang ka ho ipea tsietsing, empa ke hore ho lekanwe.

14. Nakong ya jwale nala ya lona e ba thusa bohloking ba bona, hore le nala ya bona e tle e le thuse bohloking ba lona. Ka tsela ena ho tla lekanwa,

15. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Ya bokeletseng haholoha a a ka a sallwa ke letho,mme ya bokeletseng hanyenyaneha a a ka a haellwa ke letho.”

16. A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,

17. hobane o amohetse kopo ya rona, o bile o ithaopile ka mafolofolo a maholo ho tla ho lona.

2 Bakorinthe 8