2 Bakorinthe 8:2-13 BIBELE (SSO89SO)

2. Di bile hara teko e matla ya matshwenyeho, empa ka baka la thabo ya tsona e kgaphatsehang, di ile tsa fana ka matsoho a mabedi, leha di futsanehile hakaalo.

3. Ke paka hore di ile tsa fana ho ya kamoo di nang le hona kateng; e, le ho feta kamoo di nang le hona kateng, mme e le ka boithaopo.

4. Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi.

5. Ka thato ya Modimo, di ile tsa ikabela Modimo pele, tsa nto ikabela le rona, le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng.

6. Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona.

7. Jwalokaha le atetswe ke tsohle: tumelo, bokgeleke, tsebo, mafolofolo wohle, le lerato la lona ho rona, le ke le atlehe haholo le ketsong ena ya mohau.

8. Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.

9. Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.

10. Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele.

11. Tswelang pele jwale, le phethe mosebetsi; le thahaselle ho o phetha ka tseo le nang le tsona, jwalokaha le thahaseletse ho o rera.

12. Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.

13. Taba hase hore le thuse ba bang ka ho ipea tsietsing, empa ke hore ho lekanwe.

2 Bakorinthe 8