2 Bakorinthe 8:17-24 BIBELE (SSO89SO)

17. hobane o amohetse kopo ya rona, o bile o ithaopile ka mafolofolo a maholo ho tla ho lona.

18. Re mo romile le ngwanabo rona eo botumo ba hae tabeng tsa molaetsa o molemo bo tsejwang ke dikereke tsohle.

19. Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.

20. Re ntse re leka ho phema hore ho se be ya ka nyatsang tshebediso ya rona ya dithusohadi tsena,

21. hobane re pheella tse molemo, e seng pela Morena feela, empa le pela batho.

22. Re romile baromuwa mmoho le ngwanabo rona, eo hangata re fumaneng a le mafolofolo nthong tse ngata; eo jwale a leng mafolofolo haholo, kaha a le tshepa haholo.

23. Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste.

24. Ka baka leo, ba bontsheng lerato la lona, le hore re ithorisa ka lona ka nepo, dikerekeng tsohle.

2 Bakorinthe 8