2 Bakorinthe 7:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. Bonang, ho swaba hona ho yang kamoo Modimo a ratang kateng, ho le hlahiseditse thahasello e kaakang, le boitshireletso, le kgalefo, le tshabo, le tlholohelo, le tjheseho, le ho ahlola ya molato! Ka mekgwa yohle le bontshitse kamoo le hlokang molato kateng tabeng ena.

12. Ka baka leo, leha ke le ngoletse hase ka lebaka la ya entseng hampe, kapa ya entsweng hampe, empa e le hore ho bonahale ho lona, mahlong a Modimo, kamoo le re thahasellang kateng.

13. Ka baka leo, re tshedisehile.Kantle ho ho tshediseha hoo ha rona, re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo Tite a thabileng kateng. Moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle.

14. Haeba ke ile ka ithorisa ka ho hong ho yena ka lona, ha ke hlajwe ke dihlong. Kamehla re buile nnete ho lona; ka mokgwa o jwalo, le boithoriso ba rona ho Tite e bile ba nnete.

15. Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng.

16. Jwale ke thabile, hobane nka le tshepa dinthong tsohle.

2 Bakorinthe 7