1. Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.
2. Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng.
3. Ha ke bue jwalo ho le ahlola. Jwalokaha ke boletse pele, lona le pelong tsa rona ho pheleng le ho shweng.
4. Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.
5. Yare hoba re fihle Masedonia, ra se ke ra phomola, empa ra tshwenyeha ka mekgwa yohle, ra ba hara diqabang, mme tshabo ya eba teng dipelong tsa rona.
6. Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;
7. e seng ka ho tla ha hae feela, empa le ka kgothatso eo a e fumaneng ho lona. O re boleletse kamoo le re hlolohetsweng kateng, kamoo le swabileng kateng, le kamoo le re tjhesehelang kateng.Kahoo ke thabile ka ho fetisisa,
8. hobane le haeba lengolo la ka le ile la le swabisa, ha ke ikwahlaye ha ke le ngotse. Ke ne nka ikwahlaya ka ho bona hore lengolo leo le ile la le swabisa nakwana.
9. Empa jwale ke thabile, e seng kahobane ke ile ka le swabisa, empa e le hobane maswabi a lona a ile a etsa hore le bake. Le ile la swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang; ka baka leo, seo re se entseng ha se a le senyetsa letho.
10. Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
11. Bonang, ho swaba hona ho yang kamoo Modimo a ratang kateng, ho le hlahiseditse thahasello e kaakang, le boitshireletso, le kgalefo, le tshabo, le tlholohelo, le tjheseho, le ho ahlola ya molato! Ka mekgwa yohle le bontshitse kamoo le hlokang molato kateng tabeng ena.