3. Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.
4. Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,
5. ditjhapong, ditjhankaneng, meferefereng, mesebetsing e boima, ho hloka boroko, tlaleng,
6. ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,
7. ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi,
8. leha re tlotliswa kapa re tlontlollwa, leha re buuwa hampe kapa re buuwa hantle. Re nkwa re le bathetsi, empa re bua nnete;
9. re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe;
10. re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.