2 Bakorinthe 5:6-19 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena.

7. Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.

8. Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.

9. Ka baka leo, leha re ntse re le mmeleng ona kapa re faletse ho wona, re ikitlaeletsa ho mo kgahlisa,

10. hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.

11. Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.

12. Ha re sa tla ikemela pela lona, re mpa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, e le hore le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka se bonahalang, e seng ka se ka pelong.

13. Haeba re sa nke hantle ke ka baka la Modimo; haeba re nka hantle, ke ka baka la lona.

14. Lerato la Kreste le a re susumetsa, rona ba kgotsweng hore ha a le mong a shwetse bohle, eba bohle ba shwele le yena.

15. Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.

16. Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.

17. Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.

18. Tsena tsohle di tswa ho Modimo, ya ileng a re boelanya le yena ka Kreste, a ba a re nea mosebetsi wa ho boelanya batho ba bang le yena.

19. Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.

2 Bakorinthe 5