2 Bakorinthe 5:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.

2. Bophelong bona re a fehelwa, ka baka la ho labalabela ho kena lehaeng la rona la bobedi, la lehodimo,

3. hobane mohla re keneng ho lona, re ke ke ra fumanwa re hloka lehae.

4. Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.

5. Ya re bopetseng hona, ke Modimo ya re fileng Moya wa hae, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.

6. Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena.

2 Bakorinthe 5