4. e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
5. Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.
6. Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.
7. Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.
8. Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo;
9. re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe.
10. Re jere mahloko a lefu la Jesu mmeleng ya rona kamehla, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.
11. Rona ba phelang, kamehla re kotsing ya ho bolawa ka baka la Jesu, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona e shwang.