2 Bakorinthe 4:12-16 BIBELE (SSO89SO)

12. Ka mokgwa o jwalo lefu le sebetsa ho rona, athe bophelo bo sebetsa ho lona.

13. Empa Mangolo a re: “Ke dumetse, ka hona ke a bua.” Ka wona moya o jwalo wa tumelo le rona re a dumela, ka hona re a bua,

14. hobane re a tseba hore ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa le Jesu, a re hlahise le lona pela hae.

15. Tsohle di entswe ka baka la lona, hore ha mohau o atela ba bangata, ho be le teboho e fetisisang tlotlisong ya Modimo.

16. Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.

2 Bakorinthe 4