2 Bakorinthe 3:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang!

10. Ebile tlotla e neng e kganya hakaalo ka nako e fetileng ha e sa kganya, ka baka la tlotla e kgolohadi ya jwale.

11. Ha se neng se fela se tlile ka tlotla, se sa feleng se tla ba le tlotla e kgolo hakaakang!

12. Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete,

13. e seng jwaloka Moshe ya neng a ikgurumetsa sefahleho, hore bana ba Iseraele ba se ke ba bona tlotla e felang ya sefahleho sa hae ha e nyamela.

14. Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.

15. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno, kamehla ha ho balwa buka ya Moshe, lesira le sa kwahetse dipelo tsa bona;

16. athe kamehla ha motho a sokolohela ho Morena, lesira leo le a tloswa.

17. Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng.

18. Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.

2 Bakorinthe 3