3. Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.
4. Re na le tshepo e jwalo ho Modimo ka Kreste.
5. Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.
6. Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.
7. Molao oo tshebeletso ya wona e isang lefung, o ngotsweng ka ditlhaku majweng, o ile wa fanwa ka tlotla, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe, ke baka la tlotla e felang ya sefahleho sa hae.
8. Ha ho le jwalo, na tshebeletso ya Moya e ke ke ya eba le tlotla e fetang eo haholo?
9. Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang!
10. Ebile tlotla e neng e kganya hakaalo ka nako e fetileng ha e sa kganya, ka baka la tlotla e kgolohadi ya jwale.
11. Ha se neng se fela se tlile ka tlotla, se sa feleng se tla ba le tlotla e kgolo hakaakang!
12. Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete,
13. e seng jwaloka Moshe ya neng a ikgurumetsa sefahleho, hore bana ba Iseraele ba se ke ba bona tlotla e felang ya sefahleho sa hae ha e nyamela.
14. Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.