2 Bakorinthe 3:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona?

2. Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.

3. Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.

4. Re na le tshepo e jwalo ho Modimo ka Kreste.

5. Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.

6. Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.

7. Molao oo tshebeletso ya wona e isang lefung, o ngotsweng ka ditlhaku majweng, o ile wa fanwa ka tlotla, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe, ke baka la tlotla e felang ya sefahleho sa hae.

8. Ha ho le jwalo, na tshebeletso ya Moya e ke ke ya eba le tlotla e fetang eo haholo?

9. Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang!

2 Bakorinthe 3