13. Empa ka se ke ka ba le phomolo moyeng, hobane ha ke a ka ka fumana ngwaneso, Tite. Yaba ke a dumedisa, mme ho tloha moo ka ya Masedonia.
14. A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba,
15. hobane rona re monko o monate wa Kreste o yang ho Modimo, o utlwahalang ho ba yang pholohong, le ho ba yang timelong.
16. Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee?