1. Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona.
2. Ke tseba motho wa Mokreste, eo ho seng ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene a kile a nkelwa lehodimong la boraro. Le haeba e ne e le ka mmele kapa e se ka mmele, ha ke tsebe; ho tseba Modimo.
3. Ke tseba hore motho eo, le haeba e ne e le ka mmele, kapa e se ka mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo,
4. o kile a nkelwa paradeising, a utlwa mantswe a ke keng a buuwa, ao motho a sa dumellwang ho a bolela.
5. Ke tla ithorisa ka motho eo, empa nke ke ka ithorisa ka bonna, haese ka bofokodi ba ka.
6. Leha nka rata ho ithorisa, ke tla be ke se sethoto, hobane ke tla be ke bua nnete. Empa ha ke etse jwalo, esere e mong a nkuka ke feta seo a se bonang ho nna, kapa a se utlwang ka nna.
7. Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.
8. Ke rapetse Morena hararo hore ntho ena e tlohe ho nna,