16. Ke sa bua hape, ke re: Ho se be ya hopolang hore ke sethoto. Empa haeba ho jwalo, nkukeng ke le sethoto he, e le hore ke tle ke be le boithorisonyana!
17. Tabeng ena ya ho itshepa le ho ithorisa, ha ke bue ka ho ya ka thato ya Morena, empa ke bua ka bothoto.
18. Erekaha ba bangata ba ithorisa ho ya ka botho, le nna ke tla ithorisa jwalo.
19. Lona le bohlale, empa le mamella dithoto ka thabo,
20. hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.
21. Ke hlajwa ke dihlong ho dumela hore re ile ra fokola tabeng ena, empa moo motho a sa tshabeng ho ithorisa, le nna ha ke tshabe. Feela ke bua ka bothoto.
22. Na ke Baheberu? Le nna ke yena. Na ke Baiseraele? Le nna ke yena. Na ke ditloholo tsa Aborahama? Le nna ke sona.
23. Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.
24. Ka makgetlo a mahlano Bajuda ba ile ba ntjhapa dithupa tse mashome a mararo a metso e robong.
25. Ka makgetlo a mararo ka shapuwa ka kgotla, ka tlepetswa ka majwe hanngwe; ka tlepetswa ka majwe hanngwe; ka makgetlo a mararo ke bile dikepeng tse pshatlehang, ka qeta letsatsi le bosiu ke fefoha hodima bodiba.
26. Maetong a ka a mangata ke bile dikotsing tsa dinoka, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing tsa ba heso, dikotsing tsa baditjhaba, dikotsing metseng, dikotsing mafeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing tsa badumedi ba bohata.
27. Ka ba mesebetsing le makaqabetsing; ka hloka boroko ka makgetlo, ka lapa, ka nyorwa, ka bolawa ke tlala, ka hatsela, ka hlobola.
28. Kantle ho tsena tse ntlhahetseng, ka letsatsi le letsatsi ke ntse ke imelwa ke ho hlokomela dikereke tsohle.
29. Ha e mong a fokola, le nna ke a fokola; ha e mong a kgopiswa, le nna ke a kgopeha.
30. Haeba ke tshwanela ho ithorisa, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka.
31. Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya bokwang kamehla yohle, o a tseba hore ha ke bue leshano.
32. Ha ke ne ke le Damaseka, mmusisi, leqosa la kgosi Aretase, o ne a beile balebedi motseng ho ntshwara,
33. empa ke ile ka ntshwa ka fesetere, ka theolwa lerakong ke le ka sesiung, mme ka phonyoha matsohong a hae.