2 Bakorinthe 11:12-17 BIBELE (SSO89SO)

12. Jwale seo ke se etsang ke tla nne ke se etse, e le hore ba ipatlelang sebaka sa ho ithorisa ka ho re ba jwaloka rona, ke tle ke ba hlokise sona.

13. Bao ke baapostola ba bohata, basebetsi ba mano, ba iketsang e ka ke baapostola ba Kreste.

14. Hoo ha ho makatse, hobane le Satane o iketsa e ka ke lengeloi la lesedi.

15. Ka hona hase mohlolo ha basebeletsi ba hae ba iketsa e ka ke basebeletsi ba ho loka. Bana he, qetello ya bona e tla tshwana le diketso tsa bona.

16. Ke sa bua hape, ke re: Ho se be ya hopolang hore ke sethoto. Empa haeba ho jwalo, nkukeng ke le sethoto he, e le hore ke tle ke be le boithorisonyana!

17. Tabeng ena ya ho itshepa le ho ithorisa, ha ke bue ka ho ya ka thato ya Morena, empa ke bua ka bothoto.

2 Bakorinthe 11