2 Bakorinthe 1:14-24 BIBELE (SSO89SO)

14. seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.

15. Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi.

16. Ke ne ke tla feta le ho lona ha ke leba Masedonia, ke boele ke kgutlele ho lona ha ke etswa teng, e le hore le tle le nthuse ho kena leetong la ho ya Judea.

17. Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe?

18. Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe,

19. hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, eo rona le Silefanose le Timothea re mo phatlaladitseng hara lona, e ne e se “e” le “tjhe”, empa haesale e le “e” feela.

20. Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo.

21. Ke Modimo ka boyena ya re tiisang mmoho le lona ho Kreste; ya re tlotsitseng,

22. ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.

23. Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.

24. Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong.

2 Bakorinthe 1