11. ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.
12. Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
13. Ha re a ka ra le ngolla letho, haese seo le se balang, le se utlwisisang. Empa ke tshepa hore le sa tla utlwisisa ka ho tlala
14. seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.
15. Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi.
16. Ke ne ke tla feta le ho lona ha ke leba Masedonia, ke boele ke kgutlele ho lona ha ke etswa teng, e le hore le tle le nthuse ho kena leetong la ho ya Judea.
17. Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe?
18. Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe,
19. hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, eo rona le Silefanose le Timothea re mo phatlaladitseng hara lona, e ne e se “e” le “tjhe”, empa haesale e le “e” feela.
20. Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo.
21. Ke Modimo ka boyena ya re tiisang mmoho le lona ho Kreste; ya re tlotsitseng,
22. ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.