1 Timothea 6:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,

16. yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!

17. Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.

18. Ba etse tse lokileng, ba rue mesebetsi e metle, ba fane ka matsoho a mabedi, ba arolelane le ba bang.

19. Kahoo ba tla ipokellela letlotlo le letle la kamoso, ba tle ba fumane bophelo ba nnete.

20. Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi.

21. Ba bang ba reng ba na le bona ba kgelohile tumelo.Mohau o ke o be le lona.

1 Timothea 6