1 Timothea 6:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.

11. Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.

12. Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.

13. Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore

14. o boloke molao o se na letheba leha e le kodi, ho fihlela Morena wa rona Jesu Kreste a iponahatsa.

15. Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,

16. yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!

1 Timothea 6