1 Timothea 6:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.

2. Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang.O rute, mme o kgothaletse tsena.

3. Haeba e mong a ruta disele, a sa dumellane le dipolelo tsa nnete tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya bodumedi,

4. ke moikakasi ya hlokang tsebo, ya mpang a tjhesehela ho phea kgang le ho ngangisana ka mantswe, mme hona ho tswala mona, diphapang, dinyefolo, dipelaellano tse mpe,

5. diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.

6. E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.

7. Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha.

8. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.

9. Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.

1 Timothea 6