1 Timothea 5:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya.

7. Ba laele tsena, e le hore ba tle ba hloke kodi.

8. Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.

9. Lenaneng la bahlolohadi ho se ngolwe ya katlasa dilemo tse mashome a tsheletseng, le hona e be ya ileng a nyalwa hanngwe feela.

10. Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.

11. Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape.

12. Ha ba ka etsa jwalo, ba tla lokelwa ke kahlolo, kaha ba lahlile boitlamo ba bona ba pele.

1 Timothea 5