1 Timothea 5:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Bahlolohadi ba bang ba se ba ile ba lahleha ka ho sala Satane morao.

16. Ha ho ena le modumedi wa mosadi ya amanang le bahlolohadi, a ba thuse, kereke e tle e se ke ya imetswa, mme e tsebe ho thusa bahlolohadi ba se nang le moneketsela.

17. Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.

18. Mangolo a re: “E polang ha e tlangwe molomo.” Hape a re: “Ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae.”

19. Se amohele qoso e qosang moholo, haese ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.

20. Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.

21. Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.

22. O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.

23. Kgaotsa ho nwa metsi feela, o mpe o nwe le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la ho kula hangata.

24. Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho ya kahlolong; athe tsa ba bang di hlahela hamorao.

25. Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e pepeneneng; athe le e seng jwalo e ke ke ya nna ya pateha.

1 Timothea 5