14. Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.
15. Bahlolohadi ba bang ba se ba ile ba lahleha ka ho sala Satane morao.
16. Ha ho ena le modumedi wa mosadi ya amanang le bahlolohadi, a ba thuse, kereke e tle e se ke ya imetswa, mme e tsebe ho thusa bahlolohadi ba se nang le moneketsela.
17. Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.
18. Mangolo a re: “E polang ha e tlangwe molomo.” Hape a re: “Ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae.”
19. Se amohele qoso e qosang moholo, haese ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.
20. Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.