10. Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang.
11. O ba laele, mme o ba rute tsena.
12. Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.
13. Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.
14. O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.
15. Thahasella dintho tsena, ikakgele ho tsona ka setotswana, hore katleho ya hao e tle e bonahale ho bohle.
16. Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang.