1. Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona,
2. ka baka la boikaketsi ba batho ba buang leshano, bao matswalo a bona a nang le letshwao la dibe tsa bona.
3. Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.
4. Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho,
5. hobane di halaletswa ka lentswe la Modimo le ka thapelo.
6. Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.
7. Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi.
8. Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.
9. Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala.
10. Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang.
11. O ba laele, mme o ba rute tsena.
12. Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.
13. Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.