1 Timothea 3:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi.

7. Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.

8. Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano.

9. Ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le kgutsitseng.

10. Ba hlahlojwe pele, mme ha ba sa nyatsehe, ba sebeletse kereke.

11. Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle.

12. Mosebeletsi wa kereke e be monna ya nang le mosadi a le mong, mme a tsebe ho busa bana le lelapa la hae hantle.

13. Ba sebeleditseng kereke hantle ba tla iphumanela ditulo tse hlomphehang, mme ba bolele tsa tumelo ho Jesu Kreste ka sebete.

14. Ke o ngolla tsena ke ntse ke tshepile ho tla ho wena haufi.

1 Timothea 3