1. Lentswe lena ke la nnete: Ha motho a lakatsa bookamedi ba kereke, o lakatsa mosebetsi o motle.
2. Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta.
3. E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.
4. A tsebe ho busa lelapa la hae hantle, mme a etse hore bana ba hae ba mo mamele ka hlompho yohle.
5. Haeba motho a sa tsebe ho busa lelapa la hae, a ka tseba jwang ho hlokomela kereke ya Modimo?
6. E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi.
7. Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi.