1 Timothea 2 BIBELE (SSO89SO)

Tsa thapelo

1. Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle,

2. le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho.

3. Hona ho hotle, mme ho kgahlisa Modimo, Mopholosi wa rona,

4. ya ratang hore batho bohle ba pholohe, mme ba tsebe nnete.

5. Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho,

6. ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng.

7. Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.

8. Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.

9. Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima.

10. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.

11. Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle.

12. Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa,

13. hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva.

14. Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao.

15. Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha.