2. ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.
3. Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.
4. Ba se ke ba natsa ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa meloko ya baholoholo. Tse jwalo ke tse bakang dikgang, hase tse phethahatsang morero wa Modimo o tsejwang ka tumelo.
5. Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.
6. Ka ho fapoha tsena, ba bang ba kgelohetse dipolelong tsa bosawana.
7. Ba batla ho ba baruti ba Molao, empa ba hloka kutlwisiso ya tseo ba di bolelang, leha e le ya tseo ba di buang ba sa thekesele.