1 Timothea 1:10-20 BIBELE (SSO89SO)

10. dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete.

11. Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.

12. Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae,

13. leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.

14. Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.

15. Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.

16. Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.

17. Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!

18. Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna,

19. o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona.

20. Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole.

1 Timothea 1