3. Jwale ha lahleha ditonki tsa Kishe, ntata Saule. Kishe a re ho Saule: “Nka e mong wa bahlanka, o tsamaye, o yo batla ditonki.”
4. Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.
5. Ha ba se ba fihlile naheng ya Sufe, Saule a re ho mohlanka wa hae, ya neng a ena le yena: “Tloo, re kgutle, esere ntate a tlohela ho nahana ditonki tse lahlehileng, yaba o tshwenyeha ka baka la rona.”
6. Mohlanka a re ho yena: “Bona mona, motseng ona ho na le monna ya halalelang, mme ke motho ya hlomphehang. Tsohle tseo a di bolelang, ruri di ye di phethahale. Jwale a re ye hona teng; mohlomong a ka re bolella ho hong malebana le leeto lena leo re leng hara lona.”
7. Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?”
8. Mohlanka a boela a araba Saule, a re: “Bona, ke na le tjheletana ya silefera, eo ke tla e nea monna eo ya halalelang mme o tla re bolella moo re tla fumana ditonki tseo teng.”
9. Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.
10. Jwale Saule a re ho mohlanka wa hae: “O buile hantle! Tloo, re ye!” Yaba ba ya motseng oo monna ya halalelang a neng a le ho wona.
11. Ha ba ntse ba nyoloha moepeng, ba eya ka motseng, ba fumana basetsana ba eya sedibeng, mme ba re ho bona: “Na senohe sa moo se teng?”