1 Samuele 9:22-27 BIBELE (SSO89SO)

22. Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo.

23. Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.”

24. Moapehi a nka sephaka, le tsohle tse tsamayang le sona, a se bea kapele ho Saule. Samuele a re: “Bona, setho ke sena seo o se boloketsweng. Se bee kapele ho wena, o je, hobane ho tloha ha ke ne ke re ke memile batho, haesale ke o bolokela sona hore o be o fihle.” Ka letsatsi leo Saule a ja le Samuele.

25. Ba theoha hodima leralla, mme ba fihla motseng. Bosiung boo Saule a allwa diphate kahodima marulelo a ntlo, a robala teng.

26. Ba tsoha ka madungwadungwana. Yare ha mafube a hlaha, Samuele a bitsa Saule a le kahodima marulelo a ntlo, a re: “Tsoha, ke o lokolle, o tsamaye!” Saule a ema, mme ba tswela seterateng ba le babedi le Samuele.

27. Ha ba theohela ho ya qetellong ya motse, Samuele a re ho Saule: “Ere mohlanka wa hao a fetele kapele ho rona,” eo a fetela kapele, “empa wena o eme themelele! mme ke tla o bolella molaetsa wa Modimo.”

1 Samuele 9