1 Samuele 9:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”

22. Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo.

23. Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.”

24. Moapehi a nka sephaka, le tsohle tse tsamayang le sona, a se bea kapele ho Saule. Samuele a re: “Bona, setho ke sena seo o se boloketsweng. Se bee kapele ho wena, o je, hobane ho tloha ha ke ne ke re ke memile batho, haesale ke o bolokela sona hore o be o fihle.” Ka letsatsi leo Saule a ja le Samuele.

25. Ba theoha hodima leralla, mme ba fihla motseng. Bosiung boo Saule a allwa diphate kahodima marulelo a ntlo, a robala teng.

1 Samuele 9