1 Samuele 9:17-23 BIBELE (SSO89SO)

17. Ha Samuele a bona Saule, Morena a bua ho Samuele, a re: “Monna eo ke buileng ka yena ho wena ke enwa! Yena monna enwa o tla busa setjhaba sa ka.”

18. Jwale Saule a atamela pela Samuele, kgorong ya motse, a re: “Ako mpolelle, ke a o rapela, ebe ntlo ya senohe e hokae?”

19. Samuele a araba Saule, a re: “Ke nna senohe. Nketelle pele, o nyolohele leralleng, hobane kajeno re tla ja le wena. Hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye, mme ke tla o bolella tsohle tse ka pelong ya hao.

20. Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”

21. Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”

22. Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo.

23. Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.”

1 Samuele 9