11. Ha ba ntse ba nyoloha moepeng, ba eya ka motseng, ba fumana basetsana ba eya sedibeng, mme ba re ho bona: “Na senohe sa moo se teng?”
12. Basetsana ba ba araba, ba re: “Se teng. Se ka mono kapele ho lona. Potlakang; se fihlile hona kajeno motseng ona, hobane hona kajeno setjhaba se ilo etsetswa sehlabelo aletareng e hodima leralla.
13. Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”
14. Yaba ba nyolohela ka motseng. Ha ba kena hara motse ba bona Samuele a etla a lebile ho bona, a nyolohela leralleng.
15. Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re:
16. “Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”
17. Ha Samuele a bona Saule, Morena a bua ho Samuele, a re: “Monna eo ke buileng ka yena ho wena ke enwa! Yena monna enwa o tla busa setjhaba sa ka.”
18. Jwale Saule a atamela pela Samuele, kgorong ya motse, a re: “Ako mpolelle, ke a o rapela, ebe ntlo ya senohe e hokae?”
19. Samuele a araba Saule, a re: “Ke nna senohe. Nketelle pele, o nyolohele leralleng, hobane kajeno re tla ja le wena. Hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye, mme ke tla o bolella tsohle tse ka pelong ya hao.
20. Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”
21. Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”
22. Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo.
23. Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.”