1 Samuele 9:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui.

2. O ne a ena le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana ya mahlong, mme ho se na le ya mong wa bana ba Iseraele ya mo fetang ka letho. O ne a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla.

3. Jwale ha lahleha ditonki tsa Kishe, ntata Saule. Kishe a re ho Saule: “Nka e mong wa bahlanka, o tsamaye, o yo batla ditonki.”

4. Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.

5. Ha ba se ba fihlile naheng ya Sufe, Saule a re ho mohlanka wa hae, ya neng a ena le yena: “Tloo, re kgutle, esere ntate a tlohela ho nahana ditonki tse lahlehileng, yaba o tshwenyeha ka baka la rona.”

6. Mohlanka a re ho yena: “Bona mona, motseng ona ho na le monna ya halalelang, mme ke motho ya hlomphehang. Tsohle tseo a di bolelang, ruri di ye di phethahale. Jwale a re ye hona teng; mohlomong a ka re bolella ho hong malebana le leeto lena leo re leng hara lona.”

7. Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?”

1 Samuele 9